
Buka ena, Motho Enoa Kea Joang? vol. 1 e bua ka Morena Jesu Kreste ha a ne a le sekepaneng le barutuoa ba Hae. Ba ne ba tsoa Galelea 'me sefefo sa tsoha, 'me Morena Jesu o ne a robetse. Sefefo se ne se tsabeha 'me barutuoa ba Hae ba ne ba tsohile haholo. Ha ba utloa hore ba feletsoe ke tsepo, ba tsosa Jesu. A tsoha, a khalemela moea, a re ho leoatle: "Khutsa, u re tu!" Eaba sefefo sea khutsa, 'me khutso e kholo ea e-ba teng. 'Me ba tsaba ka tsabo e kholo, ba bolellana, ba re: Na enoa ke mang na, ha a utluoa ke moea le ke leoatle? Bukeng ena, Moruti Joel Seeiso Pii, o hlalosa Jesu hore e ka ba thuso, tsepo le poloko ho motho maemong 'ohle a bophelo. Buka ena le likhaolo li leshome. Khaolo e 'ngoe le e 'ngoe e bua ka Morena Jesu Kreste. Khaolo ea 1: Lentsoe la Molimo; Khaolo ea 2: Mor'a Motho; Khaolo ea 3: Motsoasi e Moholo oa Meea; Khaolo ea 4: Ngaka e Kholo; Khaolo ea 5: Bohobe ba Bophelo; Khaolo ea 6: Seliba sa Metsi a Phelang; Khaolo ea 7: Mopholosi ea Utloelang Bohloko; Khaolo ea 8: Leseli la Lefatse; Khaolo ea 9: Molisa e Molemo, e qetella ka Khaolo ea 10: Tsoho le Bophelo. Taba ena e tlameha ho fana ka tsepo ho bohle ba ratang Jesu ba bile ba mo sebeletsa! Motho Enoa Kea Joang?
Page Count:
262
Publication Date:
2012-07-20
Publisher:
CreateSpace Independent Publishing Platform
ISBN-10:
1466452765
ISBN-13:
9781466452763
No comments yet. Be the first to share your thoughts!